L’enregistrement audio de cette histoire est actuellement indisponible.
Kgoho le Lefokolodi e ne e le metswalle, empa ba ne ba rata ho phehisana ka nako tsohle. Ka tsatsi le leng ba nka qeto ya ho bapala bolo ya maoto ho bona hore sebapadi se hlwahlwa ke mang.
La poule et le millepatte étaient amis. Mais ils étaient toujours en compétition l’un contre l’autre. Un jour, ils décidèrent de jouer au football pour voir qui était le meilleur joueur.
Ba ya lebaleng la bolo, ba qala papadi ya bona. Kgoho o ne a matjato, empa Lefokolodi a le matjato le ho feta. Kgoho o ne a rahela bolo hole, empa Lehokolodi o ne e rahela hojana. Kgoho a qala ho hlonama.
Ils allèrent au terrain de football et commencèrent à jouer. La poule était rapide, mais le millepatte était encore plus rapide. La poule envoyait le ballon loin, mais le millepatte l’envoyait encore plus loin. La poule commençait à être de mauvaise humeur.
Ba nka qeto ya ho rahela bolo letanteng. Lefokolodi ya eba sethibathibane pele. Kgoho a kenya ntlha e le nngwe feela. Jwale ya e ba nako ya kgoho ya ho thiba dintlha.
Ils décidèrent de faire des tirs au but. Au début, le millepatte était gardien de but. La poule marqua un seul but. Puis ce fut au tour de la poule d’être le gardien de but.
Lefokolodi a raha bolo, a bapabapadisa bolo yaba o kenya ntlha. Lefokolodi a otla bolo ka hlooho a kenya ntlha. O ile a kenya dintlha tse hlano.
Le millepatte tira dans le ballon et marqua. Le millepatte dribbla avec le ballon et marqua. Le millepatte fit une tête avec le ballon et marqua. Le millepatte marqua cinq buts.
Kgoho o ne a halefile hore o hlotswe. O ne a sa rate ho hlolwa. Lefokolodi a tsheha hobane motswalle wa hae o ne ngongorehile
La poule était furieuse d’avoir perdu. C’était une très mauvaise perdante. Le millepatte commença à rire parce que son amie en faisait toute une histoire.
Kgoho a halefa hoo a ileng a bula molomo wa hae a kwenya Lefokolodi.
La poule était tellement en colère qu’elle ouvrit tout grand son bec et avala le millepatte.
Ha Kgoho a ya hae, a kopana le mme Lefokolodi. Na o bone ngwanaka? Kgoho a se re letho. Mma Lefokolodi o ne a tshwenyehile.
Alors que la poule rentrait à la maison, elle rencontra la maman millepatte. La maman millepatte demanda, « as-tu vu mon enfant ? » La poule ne répondit pas. La maman millepatte était inquiète.
Yaba mme Lefokolodi o utlwa lentswe le lenyenyane . “Nthuse mme!”Mme Lefokolodi a qamaka, a mamedisisa. Lentswe le ne le tswa ka hara kgoho.
Puis la maman millepatte entendit une petite voix. « Aide-moi maman ! » criait la voix. La maman millepatte regarda autour et écouta attentivement. La voix venait de l’intérieur de la poule.
Mme Lefokolodi a hweletsa, “sebedisa matla a hao a ikgethehileng ngwanaka!” Mafokolodi a kgona ho baka monko le tatso tse mpe. Kgoho a qala ho ikutlwa a kula.
La maman millepatte s’écria « Utilise tes pouvoirs spéciaux mon enfant ! » Les millepattes peuvent faire une mauvaise odeur et donner un mauvais goût. La poule commença à se sentir mal.
Kgoho a bohla. Yaba o a kwenya o a tshwela. A thimola, a kgohlola. A kgohlola hape. Lefokolodi le ne le nyontsha!
La poule fit un rot. Puis elle déglutit et cracha. Puis elle éternua et toussa. Et toussa. Le millepatte était dégoûtant !
Kgoho a kgohlola ho fihlela a ntsha lefokolodi ka maleng a hae. Mma Lefokolodi le ngwana wa hae ba hahabela hodimo sefateng ho ya ipata.
La poule toussa jusqu’à ce qu’elle recrache le millepatte qui était dans son estomac. La maman millepatte et son enfant rampèrent jusqu’à un arbre pour se cacher.
Ho tloha nakong eo, dikgoho le mafokolodi ya e ba dira.
Depuis ce temps, les poules et les millepattes sont ennemis.