Enwa ke Khalai. O na le dilemo tse supa. Lebitso la hae le bolela ‘ya lokileng’ ka puo ya habo ya Lubusuku.
Ella es Khalai. Tiene siete años. Su nombre significa “bondadosa” en su idioma llamado Lubukusu.
Khalai o a tsoha a bue le sefate sa dilamunu. ” Sefate sa dilamunu ke kopa o hole hle! Hola o re fe dilamunu tse ngata tse butswitseng.”
Khalai despierta y le habla a los naranjos. “Por favor naranjos crezcan mucho para que nos den muchas naranjas maduras.”
Khalai o ya sekolong ka maoto. Tseleng o bua le jwang. “Jwang hola hle! Hola o be motalana mme o se ke wa omella.”
Khalai le habla al pasto mientras camina a su escuela. “Por favor pasto, crece muy verde y nunca te seques.”
Khalai o feta pela dipalesa. “Dipalesa holang hle! Holang ke tle ke kgone ho le beha moriring wa ka.”
Khalai pasa frente a unas flores silvestres. “Por favor flores, sigan floreciendo para ponerlas en mi cabello.”
Sekolong Khalai o bua le sefate se mahareng a jarete. Sefate ntsha makala a maholo, hore re tle re bale ka tlasa moriti wa hao hle!
En la escuela, Khalai le habla a un árbol que está en medio del recinto. “Por favor árbol, crece con ramas muy grandes para que podamos leer bajo tu sombra.”
Khalai o bua le dihlahlana tse potapotileng sekolo. Dihlahlana holang hle! Holang le be matla mme le thibele dikweta hore di se ke tsa kena sekolong sa heso.
Khalai le habla a la cerca de arbustos que rodea su escuela. “Por favor, crece muy fuerte para que detengas a la gente mala que quiera entrar.”
Ha Khalai a kgutla sekolong, o tjhakela sefate sa dilamunu. “Na dilamunu tsa hao di se di butswitse?” Khalai o a botsa.
Cuando Khalai vuelve a casa, ella visita al naranjo y le pregunta: “¿Están listas tus naranjas?”
“Dilamunu di ntse di le tala,” Khalai o hemela hodimo. “Ke tla o bona hosane.” Ho rialo Khalai. “Mohlomong o tla mpha lamunu e butswitseng.”
“Las naranjas aún se ven verdes,” dice Khalai. “Nos vemos mañana, naranjo,” Khalai continúa. “¡Quizás, mañana tendrás una naranja lista y madura para mí!”