Téléchargement PDF
Retour à la liste des contes

Magozwe Magozwe

Écrit par Lesley Koyi

Illustré par Wiehan de Jager

Traduit par Tseliso Masolane

Langue sotho du Sud

Niveau Niveau 5

Lire l’histoire en entier L’enregistrement audio de cette histoire est actuellement indisponible.


Toropong e phetheselang ya Nairobi, hole le bophelo ba tsotello ba hae, ho ne ho dula bashanyana ba se nang mahae. Ba ne ba amohela letsatsi ka leng ka moo le neng le tla kateng. Hoseng ho hong, bashanyana ba ne ba pakela dimmata tsa bona ka mora ho robala dipheivementeng tse batang. Ho iphuthumatsa, ba ne ba besa mollo ka matlakala. Hara sehlopha sa bashanyana ho ne ho le ya bitswang Magozwe. E ne e le yena e monyenyane ho ba feta.

Dans la ville animée de Nairobi, loin d’un climat familial attentif et aimant, vivait un groupe de jeunes sans-abris. Ils vivaient au jour le jour. Un matin, les garçons remballaient leurs matelas après avoir dormi sur le trottoir tout froid. Pour braver le froid, ils avaient fait un feu à l’aide de détritus. Parmi ces jeunes garçons se trouvait Magozwe. C’était le plus jeune d’entre eux.


Ha batswadi ba Magozwe ba hlokahala, o ne a le dilemo di hlano feela. O ile a ya dula le malomae. Monna enwa o ne a sa kgathalle ngwana. O ne a sa fe Magozwe dijo tse lekaneng. O ne a sebedisa moshanyana enwa ka thata.

Quand Magozwe perdit ses parents, il n’avait que cinq ans. Après leur décès, il alla s’installer avec son oncle, mais ce dernier n’avait pas une once d’affection pour Magozwe. Il ne lui donnait pas assez de nourriture et le faisait travailler très dur.


Ha Magozwe a ne a ipelaetsa kapa a botsa potso, malomae o ne a mo shapa. Ha Magozwe a ne a botsa hore na a ka ya sekolong, malomae o ne a mo shapa mme a re, “O sethoto haholo hore o ka ithuta eng kapa eng.” Ka mora dilemo tse tharo tsa tshwaro ena Magozwe o ile a baleha ha malomae. O ile a qala ho phela seterateng.

Si Magozwe avait le malheur de se plaindre ou de répliquer, son oncle le frappait. Quand Magozwe demandait s’il pouvait aller à l’école, son oncle le frappait de plus belle, lui disant : « Tu es trop stupide pour apprendre quoi que ce soit. » Après avoir supporté ce traitement pendant trois ans, Magozwe s’enfuit de chez son oncle et commença à vivre dans la rue.


Bophelo ba seterateng bo ne bo le thata mme boholo ba bashanyana ba ne ba sokola letsatsi ka leng ho fumana dijo. Ka nako tse ding ba ne ba tshwarwa, ka nako tse ding ba shatjwa. Ha ba ne ba kula, ho ne ho se ya ba thusang. Sehlopha se ne se phela ka tjheletenyana eo se neng se fuwa ka ho kopa, le ka ho rekisa dipolasitiki le dintho tse ding tse sebediswang hape. Bophelo bo ne bo le thata haholo ka baka la dintwa tsa dihlopha tse lwantshanang tse neng di batla taolo dikarolong tse ding tsa toropo.

La vie dans la rue était difficile et la plupart des garçons avaient du mal à se procurer de la nourriture. Il leur arrivait de se faire arrêter, et quelquefois, ils se faisaient tabasser. Lorsqu’ils étaient malades, il n’y avait personne pour les aider. Le groupe dépendait du peu d’argent gagné en mendiant, ou en vendant des plastiques ou autres objets recyclables. Les bagarres avec les autres groupes qui voulaient contrôler toute la ville rendait leur vie encore plus difficile.


Tsatsi le leng Magozwe o ne a ntse a sheba ka hara meqomo ya matlakala, ha a tla fumana buka ya dipale e marantha. O ile a tlosa ditshila ho yona mme a e Kenya ka mokotlaneng wa hae. Tsatsi ka leng ka mora moo, o ne a e ntsha a sheba ditshwantsho. O ne a sa tsebe ho bala mantswe.

Un jour, Magozwe fouilla dans la poubelle et trouva un vieux livre. Il le dépoussiéra et le mit dans son sac. Les jours suivants, il prit l’habitude de sortir son livre de son sac et d’en regarder les images. Il ne savait pas lire.


Ditshwantsho di ne di pheta pale ya moshanyana ya ileng a hola ho ba mokganni wa sefofane. Magozwe o ne a dula a lora le motsheare ka ho ba mokganni wa sefofane. Ka nako tse ding o ne a ipona e le yena moshanyana wa paleng.

Les images racontaient l’histoire d’un garçon qui, quand il était devenu grand, devint pilote. Magozwe rêvait qu’il était pilote. Quelquefois, il imaginait qu’il était le garçon dans l’histoire.


Ho ne ho bata mme Magozwe a eme ka thoko le tsela a ntse a kopa. Monna a tla ho yena . “Dumela, ke nna Thomas. Kesebetsa haufi le mona, sebakeng seo o ka fumanang seo o ka se jang,” ha rialo monna eo. A supa ntlo e tshehla ka marulelo a bolou. “ Ke tshepa hore o tla ya moo ho ya fumana dijo.?” A botsa. Magozwe a sheba monna, a ba a sheba ntlo. “Mohlomong,” a rialo, a bile a tsamaya.

Il faisait froid. Magozwe se tenait dans la rue, mendiant, quand soudain un homme s’approcha de lui et dit : « Bonjour, je m’appelle Thomas. Je travaille tout près d’ici, dans un endroit où tu pourras manger », dit-il. Il lui montra au loin une maison jaune au toit bleu. « J’espère que tu viendras manger », lui dit-il. Magozwe regarda l’homme, puis la maison, et lui répondit : « Peut-être », puis il s’en alla.


Ka mora dikgwedi tse ileng tsa latela, bashanyana ba hlokang mahae ba tlwaela ho bona Thomas moo. O ne a rata ho bua le batho, haholoholo batho ba phelang diterateng. Thomas o ne a mamela dipale tsa maphelo a batho ba bang. O ne a tiile ebile a na le mamello, a se tala kapa ho hloka tlhompho. Ba bang ba bashanyana ba ile ba qala ho ya ntlong e tshehla le bobolou ho ya fumana dijo motsheare.

Les mois suivants, le jeune sans-abri avait pris l’habitude de voir Thomas dans les parages. Il aimait parler avec les gens qui vivaient dans la rue. Thomas écoutait les histoires que lui racontaient les gens. Il était sérieux, patient. Il n’était jamais impoli ni irrespectueux. Certains garçons commencèrent à se rendre à la maison jaune et bleue pour avoir un repas à midi.


Magozwe o ne a dutse pheivementeng a shebile buka ya hae ya ditshwantsho ha Thomas a fihla a dula pela hae. “ Pale e bua ka eng? ” ha botsa Thomas. “ Ke ka moshanyana ya bang mokganni wa sefofane,” ha araba Magozwe. “Lebitso la moshanyana ke mang?” ha botsa Thomas. “Ha ke tsebe, ha ke tsebe ho bala,” ha rialo Magozwe a buela tlase.

Magozwe s’asseyait sur le trottoir et regardait les images de son livre quand soudain, Thomas vint s’assoir à côté de lui. « De quoi parle l’histoire » ? demanda Thomas. « C’est l’histoire d’un garçon qui devient pilote », lui répondit Magozwe. « Comment s’appelle ce garçon », demanda Thomas. Magozwe répondit calmement : « Je ne sais pas, je ne sais pas lire. »


Ha ba kopana, Magozwe o ile a qala a phetela Thomas pale ya hae. E ne e le pale ya malomae le hore na hobaneng a ile a baleha. Thomas ha a ka a bua haholo , mme ha a ka a bolella Magozwe seo a lokelang ho se etsa, empa o ne a mamela ka hloko ka dinako tsohle. Ka nako tse ding ba ne ba bua ha ba ntse ba ja ntlong e la ya marulelo a bolou.

Quand ils se rencontraient, Magozwe commençait à raconter son histoire à Thomas. L’histoire de son oncle et la raison pour laquelle il s’était enfui. Thomas ne parlait pas beaucoup et ne disait pas à Magozwe ce qu’il devait faire, mais l’écoutait toujours très attentivement. Quelques fois, ils parlaient autour d’un repas qu’ils prenaient dans la maison au toit bleu.


Nakong ya letsatsi la tswalo la dilemo tse leshome tsa Magozwe, Thomas o ile a mo fa buka e ntjha ya dipale E ne e le pale ya moshanyana wa mahaeng ya ileng a hola ho ba sebapadi sa bolo ya maoto se tummeng. Thomas o ile a balla Magozwe pale eo makgetlo a mangata, ho fihlela tsatsi le leng a re, “Ke nahana hore ke nako ya hore ke ye sekolong ke ilo ithuta ho bala. O nahana jwang?” Thomas a hlalosa hore o tseba sebaka seo bana ba ka dulang ho sona ba kgona ho ya sekolong.

Autour du dixième anniversaire de Magozwe, Thomas lui offrit un nouveau livre. C’était l’histoire d’un jeune villageois qui, quand il fut devenu grand, devint joueur de football. Thomas lut cette histoire à Magozwe maintes et maintes fois, jusqu’au jour où il lui dit : « Je pense qu’il est temps que tu ailles à l’école apprendre à lire. Qu’en penses-tu ? » Thomas lui expliqua qu’il connaissait un endroit où les enfants pouvaient rester et aller à l’école.


Magozwe a nahana ka sebaka sena se setjha le ka ho ya sekolong. Ha e ka ba malomae o ne a nepile ha a re o sethoto haholo ho ka ithuta eng kapa eng? Ha e be ba tla mo shapa sebakeng se se setjha? O ne a tshaba. “Mohlomong ho betere ho itulela seterateng,” a nahana jwalo.

Magozwe pensa à ce nouvel endroit et à l’idée d’aller à l’école. Et si son oncle avait raison, s’il était vraiment trop stupide pour apprendre quoi que ce soit ? Et si on le battait dans ce nouvel endroit ? Il avait peur. « Peut-être serait-il plus judicieux de rester vivre dans la rue », pensait-il.


O ile a arolela Thomas tshabo ena ya hae. Ka mora nako monna eo a tiisetsa moshanyana hore bophelo bo ka ba betere sebakeng se setjha.

Il partagea ses craintes avec Thomas. Avec le temps, Thomas parvint à le rassurer en lui expliquant que la vie là-bas pourrait être meilleure.


Yaba Magozwe o ya dula phaposing ya ntlo e marulelo a matala. A arolelana phaposi le le bashanyana ba bang ba babedi. Kaofela ha bona e ne e le bana ba leshome ba dulang ntlong eo. Hammoho le rakgadi Cissy le mohatsa wa hae, dintja tse tharo,katse, le podi e tsofetseng.

Et Magozwe emménagea dans une chambre, dans une maison au toit vert. Il partageait la chambre avec deux autres garçons. Il y avait dix garçons au total qui vivaient dans la maison. Y vivaient aussi tante Cissy et son mari, trois chiens, un chat et un vieux bouc.


Magozwe a qala hoy a sekolong mme ho ne ho le thata. O ne a lokela ho ithuta haholo ho ba maemong a ba bang. Ka nako tse ding o ne a batla ho inehela . Empa a nahana ka mokganni wa sefofane le sebapadi sa bolo ka hara dibuka tsa dipale. Jwaloka bona, ha a ka a inehela.

Magozwe commença l’école. C’était difficile. Il avait beaucoup à rattraper. Quelquefois il voulait abandonner. Mais il pensait à la possibilité de devenir pilote ou joueur de football. Et comme les deux garçons de l’histoire, il n’abandonna pas.


Magozwe o ne a dutse ka jareteng ntlong e marulelo a matala, a ntse a bala buka ya dipale . Thomas o ile a tla ho tla dula pela hae. “Pale e bua ka eng?” ho botsa Thomas. “Ke ka moshanyana ya bang mosuwe,” ha araba Magozwe. “Lebitso la moshanyana ke mang?” ha botsa Thomas. “Lebitso la hae ke Magozwe,” ha rialo Magozwe ka pososelo

Magozwe était assis à l’entrée de la maison au toit vert, et lisait un livre qui venait de l’école. Thomas vint et s’assis à côté de lui. Il lui demanda : « De quoi parle l’histoire ? » Magozwe répondit : « C’est l’histoire d’un petit garçon qui voulait devenir professeur. » «Comment s’appelle le garçon », lui demanda Thomas. « Son nom est Magozwe », lui répondit Magozwe, avec un sourire.


Écrit par: Lesley Koyi
Illustré par: Wiehan de Jager
Traduit par: Tseliso Masolane
Langue: sotho du Sud
Niveau: Niveau 5
Source: Magozwe du Livre de contes africains
Licence de Creative Commons
Ce travail est autorisé sous une licence Creative Commons Attribution 4.0 non transposé.
Lire plus de contes de niveau 5 :
Options
Retour à la liste des contes Téléchargement PDF