Ka letsatsi le leng Mmutlanyana o ne a tsamaya pela noka.
Un jour, Lapin marchait le long de la rivière.
Kubu le yena o ne a le moo, a itsamaela butle mme a ja bojwang bo botala bo monate.
Hippo était là aussi pour se promener et manger de la bonne herbe verte.
Kubu o ne a sa tsebe hore Mmutlanyana o moo, yaba o mo hata leoto ka phoso. Mmutlanyana a qala ho omanya Kubu, “Hela wena Kubu, na ha o bone hore o nkgata leoto?”
Hippo ne voyait pas que Lapin se trouvait là et elle piétina le pied de Lapin. Lapin cria et hurla « Hippo ! Tu vois pas que tu me piétines le pied ? »
Kubu a kopa tshwarelo ho Mmutlanyana, “Ke kopa tshwarelo, ha ke a o bona. Ntshwarele hle!” Empa Mmutlanyana a se ke a utlwisisa, a tswelapele ho omanya Kubu. “O entse ka boomo! O tla bona, ka tsatsi le leng, o tla patala!”
Hippo s’excusa à Lapin : « Je suis si désolé, mon ami. Je ne te voyais pas. Pardonne-moi, s’il-te-plaît ! » Mais Lapin n’écoutait pas et cria à Hippo : « Tu l’as fait exprès ! Un jour, tu verras ! Tu paieras pour ça ! »
Mmutlanya a ya batla Mollo yaba o re ho yena, “tsamaya o ilo tshesa Kubu ha a tswa ka metsing ho ya ja jwang. O nkgatile!”Ho ho letho Mmutlanyana motswalle waka, ke tla phethahatsa kopo ya hao.”
Puis Lapin partit chercher Feu et lui dit : « Va brûler Hippo quand elle sort de l’eau pour manger l’herbe. Elle m’a piétiné le pied ! » Feu répondit : « Pas de souci, Lapin, mon ami. Je ferai ce que tu as demandé. »
Ha mmamorao ha Kubu a ntse a ja bojwang holenyana le noka, Tjhhhh! Mollo wa tuka malakabe. Malakabe a tjhesa moriri wa Kubu.
Plus tard, Hippo mangeait l’herbe loin de la rivière lorsque soudain « ZOUM ! » Feu s’enflamma. Les flammes commencèrent à brûler les poils de Hippo.
Kubu a qala ho lla mme a mathela ka metsing. Moriri wa hae wohle o tjhesitswe ke mollo. Kubu a dula a ntse a lla, “moriri waka o tjhele mollong! Moriri waka wohle o ile! Moriri waka o motle!”
Hippo se mit à pleurer et se réfugia dans l’eau. Le feu avait brûlé tous ses cheveux. Hippo continua à pleurer : « Mes poils ont brûlé. Tu as brûlé tous mes poils ! Mes poils ont disparu ! Mes si beaux poils ! »
Mmutlanyana o ne a thabile hore moriri wa Kubu o ile wa tjha. Le kajeno Kubu ha a bapalle hole le metsi, ka lebaka la ho tshaba mollo.
Lapin était content que les poils de Hippo soient brulés. Et jusqu’à ce jour, de crainte du feu, les hippopotames ne s’éloignent jamais de l’eau.