Ka tsatsi le leng, mme o ne a tlile le ditholwana tse ngata.
有一天,妈妈买了很多水果。
“Ebe re tla ja ditholwana neng?”Ra mmotsa. “Re tla di ja bosiung bona,” mme a araba.
我们都问她:“什么时候可以吃水果?”妈妈说:“等今天晚上再吃。”
Moena ka Rahimi o meharo. O latswa ditholwana tsohle, mme o ja tse ngata.
我哥哥拉希姆很贪吃,所有的水果都想尝尝。结果他吃了很多。
“Sheba Rahimi o entseng!” ho hweletsa ngwaneso wa moshemane ya monyenyane. Rahimi o sele, mme o inahanela a le mong. Ke nna eo.
弟弟叫着说:“看看拉希姆做了什么!”。我跟着说:“拉希姆很调皮很自私。”
Le rona re halefetse Rahimi, empa ha a maswabi ka seo a se entseng.
我们也对拉希姆很生气。可是拉希姆并不感到惭愧。
” Na o ke ke wa otla Rahimi?” Ho botsa ngwaneso wa moshemane ya monyenyane.
小弟弟问:“拉希姆不是该罚了吗?”
“Haufinyana, wena Rahimi o tla swaba,” mme o a mo lemosa.
妈妈警告说:“拉希姆,你很快就会后悔的。”
“Mala a ka a bohloko,” Rahimi o buela tlase.
拉希姆小声说:“我肚子很疼。”
Mme o ne a tseba hore sena se tla etsahala. Ditholwana di otla Rahimi.
妈妈早料到会发生这样的事情。拉希姆受到了水果的惩罚!
Ha mamorao Rahimi a re kopa tshwarelo. “Nke ke ka hlola ke ba meharo tjena,” a re tshepisa, mme kaofela ha rona re a mo kgolwa.
后来,拉希姆跟我们道歉说:“以后我再也不会贪吃了。”而我们这次都相信他!