Andiswa o shebella bashemane ha ba bapala bolo. O ne a lakatsa ho bapala le bona. O ile a botsa mokwetlisi hore na a ka ikwetlisa le bona.
安迪斯瓦喜欢看男孩子们踢足球,她多么希望自己也能加入他们啊!她跑去问教练,自己能不能跟男孩们一起训练。
Mokwetlisi a beha matsoho a hae lethekeng. “Sekolong sena, ke bashemane feela ba dumelletsweng ho bapala bolo ya maoto.”
教练两手叉着腰,摇了摇头说:“在这个学校,只有男孩们能踢足球。”
Bashemane ba bolella Andiswa hore a ilo bapala bolo ya matsoho. Ba re bolo ya matsoho ke ya banana, mme ya maoto ke ya bashemane. Andiswa o ile a hlonama haholo.
男孩们让安迪斯瓦去玩投球。他们觉得,女孩们应该玩儿投球,足球是男孩们的运动。安迪斯瓦很沮丧。
Ka tsatsi le hlahlamang sekolo sa tshwara tlhodisano e kgolo ya bolo ya maoto. Mokwetlisi o ne a ngongorehile hobane sebapadi sa hae se hlwahlwa se ne se kula, mme se sa kgone ho bapala.
第二天,学校里要举行一场盛大的足球比赛。教练有点儿担心,因为队里最棒的球员生病了,没法上场。
Andiswa o ile a ya ho mokwetlisi ho mo qeka hore a mo dumelle hore a bapale. Mokwetlisi o ne a qeaqea ka seo a lokelang ho se etsa. O ile a nka qeto ya hore Andiswa a bapalle sehlopha.
安迪斯瓦跑到教练那里,求他让自己替补上场。教练犹豫不决,最后他决定让安迪斯瓦试一试。
Papadi e ne e se bobebe. Ho ne ho se sehlopha se korileng ha nako ya mahare a papadi e otla.
比赛很激烈,半场结束后,两队都没有进球。
Halofong ya bobedi ya papadi o mong wa bashanyana a akgella Andiswa bolo. Andiswa o ile a potlakela lehlakoreng la dipale kapele. A raha bolo ka matla, a kenya ntlha.
比赛的下半场,一个男孩把球传给安迪斯瓦,安迪斯瓦飞快地朝球门跑去,用力一踢,球进了!
Babuhi ba hlaba mokgosi wa nyakallo. Ho tloha tsatsing leo, banana ba dumellwa ho bapala bolo ya maoto le bona.
人群沸腾了!从那天开始,女孩们也可以在学校踢足球了。