Motsana wa heso o ne o na le mathata a mangata. Re ne re etsa mola o molelele ho ya kga metsi pompong e le nngwe.
我的村庄面临很多问题。村里只有一个水龙头,我们每天都要排很长的队伍去接水。
Re ne re emela dijo tseo batho ba bang ba nehelanang ka tsona.
我们等着别人接济食物给我们吃。
Re ne re notlela matlo a rona kapele ka baka la mashodu.
每天晚上,我们因为害怕有小偷,所以都早早地锁上了门。
Bana ba bangata ba ile ba tlohela sekolo.
中途辍学的孩子也不少。
Bananyana ba ne ba sebetsa jwaloka bathusi matlong metsaneng e meng.
年轻的女孩被迫到别的村庄去做女佣。
Bashanyana bona ba ne ba sasanka motsaneng ha ba bang ba ne ba sebetsa dipolasing.
年轻的男孩不是成天在村子里游荡,就是到别人的农场里打工。
Ha moya o foka, matlakala a dipampiri a ne a ikaneha difateng le difenseng.
起风的时候,废纸到处乱飞,挂在树梢和篱笆上。
Batho ba ne ba sehwa ke dikgalase tse neng di lahlelwa bohlaswa fatshe.
碎玻璃扔得到处都是,很多人都被碎玻璃划伤了。
Ka tsatsi le leng pompo ya se tswe metsi mme ditshelo tsa rona tsa omella.
终于有一天,水龙头干涸了,人们接不到水了。
Ntate wa ka a kena ntlo le ntlwana ho memela batho ba motsaneng kopanong.
我的爸爸一家一家地劝说,召集村里的居民们开会。
Batho ba bokana ka tlasa sefate se seholo, ba mamela.
人们聚到一棵大树下,准备开会。
“Re tlameha ho sebetsa mmoho ho rarolla mathata a rona.” Ho rialo ntate.
我爸爸站起来,说:“我们必须团结起来,一起解决我们的问题。”
Juma ya dilemo di robedi ya neng a dutse kutung ya sefate a hweletsa a re, “Nka thusa ka ho hlwekisa.”
八岁的珠玛坐在树干上,大声说:“我可以帮忙清理村庄。”
Mosadi e mong yena a re, “Nka sebetsa le bomme ba bang ho lema meroho le ditholwana.”
一个女人站起来说:“我可以找一些妇女,一起种庄稼。”
Ntate e mong yena a re, “Bontate ba ka epa sediba.”
又有一个男人站起来说:“男人们可以帮着打井。”
Bohle ra hweletsa ka lentswe leng ra re, “Re lokela ho fetola maphelo a rona.” Ho tloha tsatsing leo re ile ra sebetsa mmoho ho rarolla mathata a rona.