下载 PDF
返回故事列表

Podi, Ntja le kgomo 山羊、野狗、和水牛

作者 Fabian Wakholi

插图 Marleen Visser, Ingrid Schechter

译文 Maria Vaz

语言 索托语

级别 2级

将整故事念出来 本故事尚未有语音版。


Podi, Ntja le kgomo e ne e le metswalle e meholo. Ka tsatsi le leng, ba nka leeto ka tekisi.

山羊、野狗、和水牛是很要好的朋友。有一天,他们一起坐出租车。


Ha ba fihla moo ba neng ba ya teng, ratekisi a re ba patale tjhelete ya leeto. Kgomo a patala.

当他们到了目的地的时候,司机叫他们交车费。水牛把她自己的那份交了。


Ntja a patala tjhelete e ka hodingwana, hobane o ne a se na tjhelete e lekaneng.

野狗没有带零钱,所以他就多给了一点儿。


Ha ratekesi a lokisetsa ho fa Ntja tjhentjhe ya hae, Podi o ile a baleha ntle le ho patala.

司机正要找钱给野狗,没想到山羊没有给钱就跑掉了。


Ratekisi o ne a tenehile haholo. A tsamaya a sa fa Ntja tjhentjhe ya hae.

司机很生气,结果他没有给野狗找钱就开走了。


Ke ka hoo ho fihlela jwale, Ntja o mathela koloi enngwe le enngwe a hlodisa ka hare, ho sheba hore a ke ke a bona mokganni ya mo kolotang tjhentjhe ya hae.

所以,现在你可以看到野狗看到车子就拼命追上去,因为他想叫司机给他找钱。


Podi yena o a baleha ha a utlwa modumo wa koloi hobane o tshaba hore o tla tshwarelwa ho se patale tjhelete ya leeto.

山羊呢,一听到有车来就吓得赶快逃走,因为她怕没交车费被人抓起来。


Kgomo yena ha ho se mo kgathatsang ha koloi e atamela. O nka nako ho tlola mmila hobane o a tseba hore o lefile tjhelete ya leeto ka botlalo.

可是水牛听到车来一点儿都不急。她不慌不忙地过马路,因为她知道她已经把她自己那份交了。


作者: Fabian Wakholi
插图: Marleen Visser, Ingrid Schechter
译文: Maria Vaz
语言: 索托语
级别: 2级
出处: 原文来自非洲故事书Goat, Dog and Cow
共享创意授权条款
本着作系采用共享创意 署名 3.0 未本地化版本授权条款授权。
选项
返回故事列表 下载 PDF